Ema o e khutse, ene tseba hore o morena!

Ema o e khutse, ene tseba hore o morena!
Spread the love

 

Mpe o mamele

 

Note* This text is in Sesotho, but I am happy to rewrite it in English if needed. Comment with your request, and I will fulfil it!

 

 

Ha re tlole moo ho tsa se kgowa re qale!

Ere ke qale ka ho lukisa phoso eo ke e yentseng ka hore motho o tlameha ke ho ema a e khutse. Seo neke secho ke hore motho o tlameha ke ho ema a e mamele nakwana le nakwana.

 

Re phela bophelo bo senang botsitso, empa re lebelletse hore re rwale boima mahetleng, re jare boima. Empa e siko ke ntlha e hlophisitsweng hore re e bale. Ntlha ya tharollo.

 

 

Tharollo e ke mabapi le maphelo a rona. Tharollo ya ho lukisa maphelo a rona. Thukiso ya mo ho senyehileng teng!

 

Empa re ma rena, re tswalwa boreneng. Babang ba tlare re ‘marena’ ha bang ba re ‘barena’, seo ha se kgathatse. Puo e bobebe, omong le omong motho ona le tsela ya hae ntlheng ya mantswe.

 

Ha re e hatise tumellanong eo. Borena bo re re phidisane ka kgotso le ba haelane/haisane, ebile re hlompha mo batho re fapahanang teng.
Borena ke kutlwisiso ha ho hlokeha, empa botebong ba taba ke ho sebedisana le kelello tsa rona ka kgotso.

 

Hoba lekgoba la kelello ha lena kgefu, ebile le tla dula lele sekolotong hoya timmellong.

 

Hoya ka sikreste, or bodumedi, hothwe nna boikhutsong o tsebe hore ke modimo. Ho babang ba rona ba eseng madumedi, molaetsa o tshwanang o ntso re abetswe. Empa ha re re modimo, hocho hore, re ka nna ra sebedisa lefeng le lefeng lebitso. Nna ke kgethile la morena.
Ha ngata ke ngola ka sekgowa, taba kgolo ele hore babadi baka ebe ele makgowa kafa manyisimane. Ene seo nkese se fetohe!

 

Borena bore eya mo moruwo oleng teng. Le mohlang o sebeletsang batho, otla etsa jwalo ontso tseba hore matla a lefatshe a matha le batho ba fapanang.
Mosebetsi wa hao ke ho tseba hore ke bomang bao, le ho e katometsa ho bona.

 

Mohlang o ruwang, o seke wa lebala hore tjhelete e etseditswe ho sebeletsa batho, hoya ka hoo, le ya hao etla ya bathong.

 

Ke kgethile ho ngola ka Sesotho ka letsatsi lena hobane borena ke ho hopola mo motho otswang teng, kafa puo eo o e nyantseng.

 

Borena ke ho hopola hore motho ke mofota o mmakatsang ka ho re ha re dule rele kelellong e engwe. Ha re dule nqa e ngwe!

 

Le ha tsohle di tsamaya hampe bophelong, ha bokgoni bo dumela, ema o e tlhutlhure; hopola seo otswang hosona. Ha o qeta, hopola matla a kelello e e mametseng. Kelello eo ke yona ya di tarollo, ke yona tafole ya boreneng.

 

 

Khotso.

Comments

No comments yet. Why don’t you start the discussion?

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *